У нас вы можете посмотреть бесплатно ST PAUL AFRICAN APOSTOLIC CHURCH или скачать в максимальном доступном качестве, видео которое было загружено на ютуб. Для загрузки выберите вариант из формы ниже:
Если кнопки скачивания не
загрузились
НАЖМИТЕ ЗДЕСЬ или обновите страницу
Если возникают проблемы со скачиванием видео, пожалуйста напишите в поддержку по адресу внизу
страницы.
Спасибо за использование сервиса ClipSaver.ru
THANKSGIVING FEAST MESSAGE: A Year of Faith, Courage, and Hope – 202Faith BY BISHOP DAVID RAMELA KA MOBISHOPO DAVID RAMELA PELE ho tsohle, ke lakatsa ho fana ka tebo- ho ea ka e tebileng ho Morena, ea Matla ‘Ohle ka ho re fa monyetla oa ho bona letsatsi lena le hlohonolofalitsoeng. Ke lakatsa ho fetisa litumeliso tsa ka tse tlohang botebong ba pelo ho baeti ba rona ba hlomphehang ba re tlotlili- sitseng ka ketelo ea kajeno. Ke boetse ke lakatsa ho lumelisa litho tsa rona tse ratehang tsa Kereke ea St. Paul African Apostolic. Ke ka thabo e kholo le teboho hore ke le amohelang moketeng oa teboho oa selemo sena. Ha re bokane ketekong ena e monate, ke fetisa litakatso tsa ka tse tlohang bote- bong ba pelo bakeng sa selemo se tletseng mahlohonolo ka ha lithapelo tsa rona li ar- abetsoe. E se eka mohau oa Molimo o ka re tataisa mohatong o mong le o mong, ‘me e se eka boteng ba Hae bo ka re matlafatsa ha re ntse re tsamaea selemo sena. Re phatlalatsa 202Tumelo—selemo sa tumelo, seb- ete le tšepo. Kajeno, ke batla hore re thuise litšiea tsena tse tharo tse matla—tumelo, sebete le tšepo—tse tla re tšehetsa eseng feela ho theosa le selemo se tlang empa maphelong ‘ohle a rona. TUMELO: HO LUMELA HO MEHLOLO Tumelo ke motheo oa tsohle tseo re li etsang re le balu- meli. Ke tumelo ea lintho tse ke keng tsa etsahala, ke ho ba le kholiseho ea lintho tse lebeletsoeng, le kholiseho ea lintho tse sa bonahaleng (Baheberu 11:1). Tumelo e re lu- mella ho kena sebakeng seo re sa se tsebeng ka kholiseho ea hore Molimo o tla etsa tsela, leha ho bonahala ho se mokhoa. Nahana ka Tafita ha a ne a tjamelane le Kholiata. A eme ka pel’a senatla a tšoere letjeketjane le majoe a ’maloa feela, Tafita ha a ka a bona bothata bo ke keng ba hloleha; o la bona sera se hlotsoeng hobane a ne a na le tumelo ho Molimo. Ka tumelo, Tafita o ile a hlola senatla se neng se bonahala se ke ke sa hloleha ‘me a phethahatsa seo ba bang ba neng ba nahana hore ha se khonehe. Tumelo ha se tumelo feela tjee; e mafolofolo ebile e seb- ete. E re, “Nka etsa mehlolo”. Lebaleng la bophelo, o ka haha seo batho ba nahanang hore ha se khonehe. Ka tu- melo, u ka qala likhoebo, ua haha likereke, ua tsosolosa GREETINGS, beloved congregat